KENG MEKGATLO YA BASEBEDISI BA METSI KENG
MBM ke mokgatlo wa tshebedisano ya basebedisi ba metsi ka bonngwe ba batlang ho etsa dintho tse mabapi le metsi molemong wa bona. MBM ke mokgatlo o thehuweng ka molao ke Letona tlasa Molao wa Naha wa Metsi, mme o sebetsa boemong ba mahae.
MBM e itshetlehileng ka mokga e sebetsa molemong le bakeng sa sehlopha la basebedisi ba mofuta o le mong. Ho tea mohlala, sehlopha sa balemi ba qalang ka ho nwesetsetsa ba etsa mokga o itshetlehileng ka MBM, kapa sehlopha se nang le kgahleho taolong ya tshebediso bakeng sa boithabiso, jwalo jwalo.
MBM e itshetlehileng ka mekga e fapaneng
MBM e itshetlehileng ka mekga e fapaneng e sebetsa molemong le bakeng la setlamo sa basebedisi ba fapaneng ba metsi, jwalo ka poloko ya mobu, meru, merafong, le ho nwesetseng ka kopanelo.
MEKGATLO YA BASEBEDISI BA METSI E THEHWA JWANG
Letona le ka qala motheo KAPA Basebedisi/ba nang le seabo ba ka qala ka motheo
MEKGWA YA TSHEBEDISANO LE SETJHABA
Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le tla fana ka ntshetsopele e sisintsweng ho tshehetsa batho bonngwe, le ho ditjhaba bakeng la tlhophisso le ho thehwa ha mekgatlo ya MBM e sisintsweng.
mabaka a ho etsa kopo lebitso le sisintsweng la mokgatlo sebaka se sisintsweng sa tshebetso ya mokgatlo mesebetsi e sisintsweng ya mokgatlo moo ho loketseng, tlhaloso ya mesebetsi e teng ya metsi kapa e rerilweng sebakeng seo e se reretsweng bakeng la tshebetso tlhaloso ya dilaesense tsa tshebediso ya metsi kapa ditumello tseo ditho tse sisintsweng di nang le tsona kapa di rerileng ho etsa kopo ya tsona molaotheo o reretsweng mokgatlo tlhaloso ya ka moo mola wa theo o tlang ho fapana ka teng le mohlala (paterone ya mola wa motheo) o leng Molaong.
lenane la ditho tse sisintsweng kapa mefuta ya ditho tsa mokgatlo tlhaloso ya kopano e seng e etsahetse ho ntshetsapele tshisinyo le sephetho sa kopano eo.
lengolo la tlhaloso ho etsa kopo ya mesebetsi e tlang ho MBM
LETONA LE DUMELLA TSHISINYO
Letona le tla dumella ho thehwa ha MBM ha MBM e kgothalletsa tse habilweng ke Molao wa Naha wa Metsi, tse kang:
tshireletso, tshebediso, ntshetsopele, paballo, tsamaiso le taolo ya mehlodi ya naha ya metsi sebeletsa ditlhoko tsa motheo tsa meloko ya jwale le ya kamoso kgothatso ya tekano, kgonahalo, boikemelo le tshebediso ya metsi e molemo ntshetsopele ya setjhaba le moruo, le tshireletso ya dimela le diphoofolo tse dulang metsing.
Tshisinyo ya ho theha MBM e lokela ho boela e tsamaelana le Mokgwa wa Tsamaiso ya Polokelo.
Maikemisetso a MBM ke ho etsa hore batho ba sebakeng se itseng ka ho qolleha ba kopanye mehlodi ya bona, e jwalo ka tjhelete, mehlodi ya batho le bokgoni, etsa mesebetsi e kenyelletsang metsi ka ho phethahala. Ka MBM, ditho di kgola molemo ka ho sebetsa ka ditlhoko le tse tlang pele ho bona tse tsamaelanang le metsi.
MBM e sebetsa sebakeng se nang le moedi boemong ba maha. E fana ka disebediswa tseo ka tsona mokgwa wa taolo ya polokela e ka etswang boemong ba mahae. MBM hape di na le karolo e bohlokwa ho sebetseng ka bofuma ka tshireletso ya dijo.
MESEBETSI YA MBM KE EFE?
Thibelo ya ho senngwa ha metsi
Tshireletso ya mehlodi ya metsi
Thibelo ya tshebediso ya metsi le ha e le efe e seng molaong
Ho tlosa lapa ho hlophisetsa ho tloswa ha tshitiso e seng molaong ya foro ya mohlodi wa metsi
Thibelo ketso le ha e le efe e seng molaong e ka fokotsang boleng ba metsi mohloding le ha e le ofe wa metsi
Tlhokomelo le taolo ya mehlodi ya metsi
Tsamaiso ya tsamaiso ya foro ya metsi
Patlisiso le rekoto ya boleng le maemo a ho phalla ha metsi, le dinako le dibaka tseo metsi a ka sebediswang ho tsona
Ho theha le o aha, kpa ho reka le ho sebedisa dibaka tsa metsi
Tlhokomelo le tsamaiso ya phano le tshebediso ya metsi ho tswa mohloding wa metsi ho latela phano e loketseng ya metsi.
MBM e ka boela ya fuwa matla a tlatsetso le mesebetsi ke Setsha sa Tsamaiso ya Polokelo (STP) kapa Letona.
KENG TSE UNWANG KE MBM?
Tse unwang ke MBM di tla itshetleha ka mabaka a etsang hore MBM e thehwe le mesebetsi eo e tlang ho e phetha, empa di ka kenyelletsa:
Basebedisi ba kgona ho tsamaisa ka kopanelo dibaka tsa metsi molemong wa bona
Basebedisi ba kgona ho kopanya mehlodi ya bona ho fihlella meruo ya maemo. Ntshetsopele ya motho ka mong ha nyane e sebeletsa balemi ba qalang ho etsa mohlala ha ho kgonahale ha ngata ho ba se be le mathata a ditjhelete.
Tse molemong wa basebedisi di ka fanwa ka mokgatlo o le mong feela, mme sena:
se tiisa bonka karolo le matla a ho buisana le STP e loketseng, le se lekanya kgahleho ya basebedisi ba fapaneng ho thibela ho se utlwane
MBM o fana ka maemo a semolao sehlopheng sa basebedisi, e leng se nyollang bokgoni ba bona ba ho fumana dikadimo tsa tjhelete, phano ka tjhelete le thuso ka tjhelete
Ha sehlopha se batla ho theha MBM bakeng la tshebediso e itseng ya metsi, se lokela ho netefatsa pele hore MBM e tla fana ka melemo e lekaneng ho ditho tsa yona. Botho ba MBM ke ba boikgethelo, ka hoo ha MBM e sa fane ka tse molemo tse hlokehang, ha e na kgona ho boloka ditho tsa yona.
MBM ha e na ho tshetswa ka tjhelete ka tefiso ya ditho tsa yona. Ditefiso tsena di bitswa ka hore ke ?tefiso tsa tshebediso ya metsi? mme di lokela ho behwa ho latela mokgwa wa tefiso ya tshebediso ya metsi.
Mehlodi e meng ya tshehetso ka tjhelete e ka bang teng e kenyelletsa:
tjhelete e fumanweng ka tsamaiso ya sebaka sa metsi thuso ka tjhelete e tswang LDMM kapa STP bakeng sa ho fihlella dipheo tsa Molao wa Naha wa Metsi thuso kapa tshehetso ka
